Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao!
Baefese 4:32 - Sesotho 1909/1961 (SO) Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste. BIBELE Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste. Baasraak Sotho NT mme le hauhelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo a le tshwaretse ka baka la Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme le hauhelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo a le tshwaretse ka baka la Kreste. |
Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao!
O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.
Motho ya lokileng o baballa ho phela ha kgomo ya hae, empa mehauhelo ya e mobe e bohloko.
Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.
Motho ya lokileng o a timela, mme ha ho ya lemohang teng; batho ba molemo ba tloswa, mme ha ho ya lemohang hobane ya lokileng o tloswa, bobe bo eso ho hlahe.
Mme Ebede-Meleke, Moethiopia, a bolella Jeremia, a re: Hlo o bee ditsiba le dikatana tse onetseng katlasa mahafi a hao, katlasa marapo. Jeremia a etsa jwalo.
Mme ha le ema le rapela, enore ha le ena le taba le e mong, le mo tshwarele, hore le yena Ntata lona ya mahodimong a le tshwarele ditlolo tsa lona.
ka baka la pelo e mohau wa Modimo wa rona, eo mafube a meso a lehodimo a re etetseng ka yona,
o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.
Mme leha a ka o sitelwa hasupa ka tsatsi le le leng, mme a kgutlela ho wena hasupa, a re: Ke bakile; o mo tshwarele.
Empa lona, ratang bao e leng dira ho lona, le etse batho hantle, le adimane le se balaele; mme moputso wa lona o tla ba moholo; le tla ba bana ba Ya hodimodimo; hobane yena o mohau ho ba sa leboheng le ho ba lonya.
Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;
Babarebare ba teng ba re etsa ka mohau o moholo; hobane ba re amohela bohle, ba ba ba re besetsa mollo o moholo ka baka la pula e neng e ena, le ka baka la serame.
Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.
Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;
Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.
Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.
Naomi a re ho ngwetsi ya hae: A ke a hlohonolofatswe ke Jehova, ya sa kang a tima ba phelang le ba shweleng lereko la hae! Naomi a eketsa a re ho yena: Monna eo ke wa mofuta wa heso, efela ke wa habo rona.