Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?
Baefese 4:27 - Sesotho 1909/1961 (SO) mme le se ke la nea Diabolose sebaka. BIBELE Le se ke la fa Diabolosi monyetla. Baasraak Sotho NT Le se ke la nea Diabolose sebaka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la nea Diabolose sebaka. |
Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?
Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.
Aparang dihlomo tsohle tsa Modimo, le tle le tsebe ho hlola dihloho tsohle tsa Diabolose.
Kahodima tseo tsohle le tshware thebe ya tumelo eo ka yona le ka tsebang ho tima metsu yohle e tukang ya molotsana.
Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.