Baefese 4:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lona; BIBELE Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile. Baasraak Sotho NT Halefang, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikela le halefile. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Halefang, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikela le halefile. |
Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)
Bahlanka bana ba hao kaofela ba ya tla ho nna, ba iname ho nna, ba re: Tswa, wena, le setjhaba sohle se o setseng morao; mme e be hona ke tswang. Yaba Moshe o tloha ho Faro, a tletse bohale.
Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.
Moya wa leboya o hlahisa pula, mme leleme le sebang le hlahisa sefahleho se halefileng.
O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.
Aarone o sa ya orosetswa ho ba tjhaba sa hae; hobane a ke ke a kena fatsheng leo ke le neang bana ba Iseraele, ka baka la hobane le kile la hanyetsa taelo ya ka metsing a Meriba.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya halefelang ngwanabo feela, o tla tshwanelwa ke kahlolo; ya reng ho ngwanabo: Raka, o tla tshwanelwa ke kahlolo ya lekgotla; mme ya reng ho yena: O lehlanya, o tla tshwanelwa ke mollo wa dihele.
Jesu, ha a bona hoo, a ba bohale, a re ho bona: Lesang bana ba tle ho nna, mme le se ke la ba thibela; hobane mmuso wa Modimo ke wa ba jwaloka bona.
A ba habanya ka bohale, a swabile ke bothata ba dipelo tsa bona; yaba o re ho motho eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla; yaba letsoho la hae le a fola, la boela la loka jwaloka le leng.
Ha letsatsi le eso ho dikele o tle o mo nee moputso wa hae wa letsatsi leo a sebeditseng ka lona; hobane ke mofumanehi, mme pelo ya hae e lebeletse moputso; o mo nee, esere mohlomong a howeletsa ho Jehova ka baka la hao, mme sebe sa eba teng ho wena.
Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;
Yaba Jonathane o tloha tafoleng a halefile haholo, a sa ka a ja letho ka lona la bobedi la kgwedi, kahobane a hlomohetse Davida, hape a nyatsitswe ke ntatae.