Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
Baefese 4:20 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele lona, ha le a ka la ithuta Kreste jwalo; BIBELE Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste ka tsela e jwalo, Baasraak Sotho NT Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste jwalo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa lona ha le a ka la ithuta Kreste jwalo; |
Inkeleng joko ya ka, mme le ithute ho nna; hobane ke mosa le pelo e nolo, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.
ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.
Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.
Haele lona, tlholo eo le e nkileng ho yena e dutse ho lona, mme ha le a tshwanela ho rutwa ke e mong; empa jwalokaha tlholo ya hae e le ruta tsohle, mme e le ya nnete, e se ya leshano, dulang ho yona, jwalokaha a le rutile.