Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Baefese 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mme jwale, ha le sa le basele, leha e le bajaki, empa le se le le ba motse o le mong le bahalaledi, mme le ba ntlo ya Modimo, BIBELE Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ha le sa le basele le bajaki, empa le se le le batswalle le bahalaledi, le ba ntlo ya Modimo. |
Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!
Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.
mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.
e leng hore baditjhaba ke majalefa le Baiseraele, ke mmele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste, ka Evangeli;
Empa wa rona motse o mahodimong, e leng oo hape re lebeletseng ho kgutla teng ha Mmoloki Jesu Kreste, Morena;
Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.
Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;
Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.