Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.
2 Samuele 8:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a ntoo bea bahlabani naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgotho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang. BIBELE Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng. |
Marena wohle a neng a le taolong ya Hadadesere, ha a bona hobane ho hlotse Baiseraele, a etsa kgotso le Baiseraele, a ba sebeletsa, Basiria ba ba ba tshaba ho boela ba thusa bana ba Ammone.
Etsang jwale, etswe Jehova a boletse bakeng sa Davida, a itse: Ke ka letsoho la mohlanka wa ka Davida, ke tla namolela setjhaba sa ka sa Iseraele matsohong a Bafilesta, le matsohang a dira tsohle tsa sona.
Ka nna ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, ka o etsetsa le lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba lefatshe.
A bea bahlabani Edomo; kahohle Edomo, a bea bahlabani, le Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.
Davida a hapa le dithebe tsa kgauta tse ho bahlanka ba Hadadesere, a tla le tsona Jerusalema.
Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.
Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?
Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.
Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.
A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.
a isa makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane, mme a bea bahlabani naheng ya Juda le metseng ya Efraime e neng e hapilwe ke Asa ntatae.
Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?
Jonathane a qhala ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng Gibea, mme Bafilesta ba utlwa. Ebile Saule o letsa terompeta naheng yohle, a re: Baheberu ba utlwe!
Ka tsatsi le leng, Jonathane, mora Saule, a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re fetele ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, e leng mose wane, maloka le mona. A mpa a se ke a tsebisa ntatae.
Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.
Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.