Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.
2 Samuele 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) e leng Basiria, le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Baamaleke, ka tse hapilweng tsa Hadadesere, mora Rehobe, morena wa Tsoba. BIBELE e leng Baarame, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke, le kgapo eo a e nkileng ho Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba. |
Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.
Bana ba Ammone, ha ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ba kena hae motseng. Yaba Joabe o kgutla ntweng ya bana ba Ammone, a boela Jerusalema.
A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.
Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.
A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.
Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.
Davida a ba qhala, e le ha bosiu bo esa, ho isa mantsiboya a la hosasane, mme ha ho a ka ha pholoha ho bona motho le a mong, haese makgolo a mane a bahlankana ba palamileng dikamele; bona ba baleha.
Davida a hapa le manku wohle, le makgomo, ba a kganna, ba a bea pele ho mehlape e meng, ba re: Ke yona kgapo ya Davida.