Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?
2 Samuele 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Thoi o romela mora hae Jorame ho morena Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo leboha kamoo a lwantshitseng Hadadesere kateng, a bileng a mo hlotse, hobane Hadadesere o ne a lwantsha Thoi. Jorame a tlisa mesebetsi ya silefera, le ya kgauta, le mesebetsi ya koporo. BIBELE a romela mora wa hae Jorame ho Davida, ho ya mo dumedisa le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlotse, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Jorame a isetsa Davida dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka lethose. |
Yaba o ba botsa tsa ho phela ha bona, a re: Ntata lona o sa ntse a dutse hantle, leqheku leo le mpoleletseng lona na? O sa ntse a phela na?
Le tsona morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a di kgethileng tsa ditjhaba tsohle tseo a di hlotseng;
Hape bahlanka ba morena ba tlile ho boka morena Davida, monga rona, ba re: Modimo wa hao o hodise lebitso la Salomone ho feta lebitso la hao, mme o phahamise terone ya hae ho feta terone ya hao; le morena o bile a kgumama phateng tsa hae.
a romela mora hae Hadorame ho morena Davida ho ya mo dumedisa le ho mo leboha, kamoo a lwantshitseng Hadaresere kateng, a bileng a mo hlotse; hobane Hadaresere o ne a lwantsha Thou kamehla. Hadorame a tlisa diphahlo tse mefutafuta ya kgauta le ya silefera le ya koporo.
Ba bangata ba tlisa nyehelo ho Jehova, Jerusalema, le dintho tsa bohlokwa ho Esekiase, morena wa Juda, kamoo a neng a sa tswa hodiswa mahlong a ditjhaba kaofela kateng.
le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova!
Mehleng eo, Merodake-Baladane, mora Baladane, morena wa Babilona, a romela mangolo le dimpho ho Esekiase, hobane a ne a utlwile hore o ne a kile a kula, a ba a fola.
Eitse ha a sa qetella ho etsa setjheso, a bona Samuele a hlaha; Saule a tswa ho ya mo kgahlanyetsa le ho mo dumedisa.