Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.
2 Samuele 7:25 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng. BIBELE “Jwale he, wena Morena Modimo, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahetse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng. |
Kanthe wa na wa re: Ruri ke tla o etsa hantle, mme ke tla atisa ditloholo tsa hao, di be ka ka lehlabathe la lewatle le sitwang ho balwa ka baka la bongata ba lona.
O itiiseditse setjhaba sa hao sa Iseraele, hore e nne e be setjhaba sa hao le ka ho sa feleng, mme wena Jehova, o nnile wa ba Modimo wa sona.
Lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, mme ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e ke e tiiswe pela hao.
Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.
Oho, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale jwale polelo ya hao eo o neng o e bolelle ntate Davida, mohlanka wa hao.
Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!
Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.
Monna wa hae Elkana a re ho yena: Etsa kamoo o ratang kateng; o dule, a be a kgwe; feela ke re: Jehova a tiise polelo ya hae. Mosadi a dula jwalo, a anyesa ngwana hae, a ba a mo kgwesa.