O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!
2 Samuele 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka baka la lentswe la hao le ka pelo ya hao, ha o entse tsena tsohle tse kgolo, tseo o di tsebisitseng mohlanka wa hao! BIBELE “Ka baka la tshepiso ya hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse tsena tse kgolo, hore mohlanka wa hao a di tsebe. |
O tseba mohlanka wa hao, Jehova; ke ka baka la mohlanka wa hao le la thato ya hao o entseng taba tseo tsohle tse kgolo, hore o mo tsebise tseo tsohle tse kgolo!
Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao!
ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.
Yaba Balaame o porofeta, a re: Tsoha, Balake, o mamele; sekeha tsebe, mora Tsippore! Modimo hase motho, hore o tle o etse leshano, kapa mora motho, hore o tle o bake. Seo o se boletseng, na o ke ke wa se etsa na? Seo o se rerileng, na o ke ke wa se phetha na?
Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.
Ke le Pauluse, ya bitsitsweng ho ba moapostola wa Jesu Kreste, ka ho rata ha Modimo, ke ena le Sosthene, ngwaneso,
wa re tsebisa sephiri sa thato ya wona ka boithatelo ba wona, kamoo o neng o itherele kateng;
ka morero oo o o entseng ho hloleheng, mme ke hona o tswang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena wa rona;
Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.
Hase ka baka la ho loka ha hao, leha e le ka baka la bokgabane ba pelo ya hao, o yang ho kena lefatsheng la bona ho le rua; empa ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova, Modimo wa hao, a tlang ho di falatsa pela hao, a tle a tiise lentswe leo Jehova a le boleletseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, ka kano.