Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.
2 Samuele 6:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Davida a swaba ke hobane Jehova a entse sekgeo Iseraeleng, ka ho bolaya Ussa; ka baka lena, bitso la teng a le bitsa Peretse-Ussa (sekgeo sa Ussa); le kajeno ke la teng. BIBELE Davida a tshwenyeha haholo, hobane Morena o ne a bolaile Usa; yaba sebaka seo o se rea lebitso la Kotlo ya Usa, mme le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo. |
Ebile Jehova o halefela Ussa, mme Modimo wa mmolaela hona teng ka molato oo; a shwela teng pela areka ya Modimo.
Kahobane le ne le le siyo lekgetlong la pele, Jehova, Modimo wa rona, o entse sekgeo hara rona, kahobane re ne re sa ka ra mmatla ka ho ya ka taelo ya hae.
Empa Modimo wa re ho Jonase: A o etsa hantle, ha o hlonamile ka baka la monyaku na? Yena a re: Ke etsa hantle ha ke hlonamile, le ho isa ho shweng.