2 Samuele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile. BIBELE Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo. |
Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.
ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.
Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.
Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba dikete ba ya lata areka ya selekane sa Jehova tlung ya Obed-Edomo ka thabo.
e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e anetse Isaaka,
Haele bara ba Obed-Edomo, letsibolo la hae ke Shemaia, wa bobedi Josabade, wa boraro Jowa, wa bone Sakare, wa bohlano Nethaneele;
wa botshelela Ammiele, wa bosupa Issaskare, wa boroba meno e le mmedi Peulthai; etswe Modimo o ne o mo hlohonolofaditse.
Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.
E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.