Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.
2 Samuele 3:30 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone. BIBELE Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone. |
Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.
Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.
Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.