O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.
2 Samuele 3:26 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Joabe o tloha ho Davida, a romela manqosa ho lata Abnere; a ya mo kgutlisa sedibeng sa Sira, Davida a sa tsebe. BIBELE Ha Joabe a etswa ka ho Davida a roma maqosa ho sala Abinere morao, mme maqosa ao a mo kgutlisa ha a le sedibeng sa Sira, empa Davida o ne a sa tsebe. |
O a mo tseba Abnere, mora Nere; o tlile ho o thetsa feela, le ho tseba ho tswa ha hao le ho kena ha hao, le ho tseba tsohle tse etswang ke wena.
Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.