Joabe le sera sohle seo a nang le sona ha ba fihla, Joabe a tsebiswa, ha thwe: Abnere, mora Nere, o kile a tla ho morena, mme morena o mo file tsela, o bile o iketse ka kgotso.
2 Samuele 3:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho fihla bahlanka ba Davida, ba ena le Joabe, ba tswa futuha, ba kgutla ba hapile kgapo e kgolo, Abnere yena a se a tlohile ho Davida, Hebrone, Davida a mo file tsela, a bile a itsamaetse ka kgotso. BIBELE Jwale bo-Joabe le bahlanka ba Davida ba fihla, ba etswa moo ba neng ba hlasetse teng, mme ba tla ka kgapo e ngata haholo. Empa Abinere o ne a se a le siyo Heborone, ho Davida, hobane Davida o ne a se a mo lokolotse, mme a iketse ka kgotso. |
Joabe le sera sohle seo a nang le sona ha ba fihla, Joabe a tsebiswa, ha thwe: Abnere, mora Nere, o kile a tla ho morena, mme morena o mo file tsela, o bile o iketse ka kgotso.
Mora Saule o ne a na le banna ba le babedi, balaodi ba makgotla; e mong lebitso le hae e ne e le Baana, bitso la e mong e le Rekabe, e le bara ba Rimmone wa Beerothe, wa bana ba Benjamine. Ke ha Beerothe o se o balwa le metse ya Benjamine;
Ha a le teng, Davida le banna ba hae ba futuhela Bageshure, le Bagirese, le Baamaleke, e leng beng ba naha eo, ho isa Shure, le naheng ya Egepeta.