Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida.
2 Samuele 3:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a romela manqosa ho Ishe-Boshethe, mora Saule, a re: Nnee Mikale, mosadi wa ka, eo ke inyaletseng yena ka lekgolo la mengala ya Bafilesta. BIBELE Yaba Davida o roma maqosa ho Ishe-Boshete, mora wa Saule, o re: “Nnee mosadi wa ka Mikale, eo ke neng ke mo nyale ka maeko a lekgolo a Bafilesita.” |
Ishe-Boshethe, mora Saule, o ne a le dilemo tse mashome a mane ha a qala ho busa Israele, mme a busa ka lemo tse pedi. Ke ba ntlo ya Juda feela ba kileng ba latela Davida.
Areka ya Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlolaka, a hobela pela Jehova, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.
Ho tswalwa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokgwa ona: Maria, mmae, ha a lebeleditswe ke Josefa, a tshoha a emodisitswe ke matla a Moya o Halalelang, ba eso ho kopane.
Saule a re: le bolelle Davida, le re: Morena ha a lakatse mapea, haese mengala e lekgolo ya Bafilesta, hore morena a iphetetse ho dira tsa hae. Athe Saule o ne a hloma a ka dihela Davida matsohong a Bafilesta.
Davida a tloha, a tsamaya, a ena le batho ba hae, mme a bolaya makgolo a mabedi a Bafilesta; Davida a kgutla le bongala jwa bona, a bo tlisa kaofela ha bona ho morena, e le hore e be mokgwenyana wa morena ka hona; ka baka lena, Saule a mo nea Mikale, moradi wa hae, ho ba mosadi wa hae.
Haele Mikale, moradi wa Saule, ya neng a nyetswe ke Davida, Saule o ne a mo neile Palthi, mora Laishe, wa Gallime.