Wa re ho bahlanka ba hao: Ha moena lona e monyenyane a sa tle le lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.
2 Samuele 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re: Ke teng, ke tla hlaba selekane le wena; ke mpa ke batla taba e le nngwe feela ho wena, ke re, o ke ke wa bona sefahleho sa ka, haese ha o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, ebe mohla o tla tla mpona. BIBELE Davida a re: “Ho lokile, ke tla etsa selekane le wena, empa ke batla ntho e le nngwe feela ho wena, e leng hore o se ke wa mpona, haese haeba o ka ntlisetsa Mikale, moradi wa Saule, pele o etla ho tla kopana le nna.” |
Wa re ho bahlanka ba hao: Ha moena lona e monyenyane a sa tle le lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.
Ra re ho yena: Re sitwa ho boela; ekare ha ngwanabo rona e monyenyane a na le rona, ke hona re ka theohang, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo, ha ngwanabo rona e monyenyane a se ho rona.
Ebile Abnere o romela Davida manqosa a tswang ho yena, a re: Lefatshe ke la mang na? A eketsa a re: Hlaba selekane le nna; o tla bona letsoho la ka le o emela, hore ke sokollele Baiseraele bohle ho wena.
Areka ya selekane sa Jehova ha e fihla motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, ha a nyarela ka fensetere, a bona morena Davida a tlala, a hobela, mme a mo nyedisa ka pelong ya hae.