2 Samuele 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Matswalong a ka, ka bitsa ho Jehova, ka hoeletsa ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mme mohoweletso wa ka wa finyella ditsebeng tsa hae. BIBELE Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, e, ka ipiletsa ho Morena wa ka, a utlwa lentswe la ka a le ka Tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae. |
Matswalong a ka ka bitsa ho Jehova, ka phahamisetsa mehoo ya ka ho Modimo wa ka. A utlwa lentswe la ka a le sehalalelong sa hae, mohoweletso wa ka wa finyella pela hae ditsebeng tsa hae.
Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.
Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
Ka ba ka re: Ke lahlilwe hole le wena; leha ho le jwalo, ke tla boela ke bone tempele ya hao e kgethehileng.
Ya na ya re ha moya wa ka o fela ka ho nna, ka hopola Jehova, mme thapelo ya ka ya fihla ho wena, tempeleng ya hao e kgethehileng.
Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!
Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.