2 Samuele 22:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse; BIBELE “Maqhubu a lefu a ne a ntikile, phororo tsa timelo di ne di nkukile. |
Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.
Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.
Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.
Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.
Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.
Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;
Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.