Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.
2 Samuele 22:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Wa ntadimisa mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng. BIBELE O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa. |
Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.
Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.
Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.
Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.
Eitse hobane ba ise marena ao ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele, a re ho balaodi ba bahlabani ba ileng le yena: Atamelang le hate melala ya marena ao ka maoto a lona. Ba atamela, ba hata melala ya wona ka maoto a bona.