Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.
2 Samuele 22:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mangope a lewatle a hlaha; ha bonahala le metheo ya lefatshe ka baka la kgalemelo ya Jehova, le pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hae. BIBELE Madiba a mawatle a bonahala tlasetlase, metheo ya lefatshe ya phetleha ha ho omana wena Morena, ha ho foka moya o tswang ka nkong tsa hao. |
Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.
mme ka re: O tla fihla ho tlisa mona, ha o na ho fetela pele; boikgohomoso ba maqhubu a hao bo tla fella mona?
A kgalemela Lewatle le Lefubedu, la epsha; a ba tsamaisa hara madiba jwaloka hoja ke nahathothe.
Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?
Lona dithaba, utlwang nyewe ya Jehova, le utlwe le lona metheo e tiileng ya lefatshe; hobane nyewe e teng pakeng tsa Jehova le setjhaba sa hae, mme o tseka le Iseraele; o re:
O kgalemela lewatle, le be le monyele; o pshesa dinoka kaofela. Ho ponne Bashane le Karmele, le palesa ya Lebanone e ponne.