Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.
2 Samuele 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng: BIBELE Mohla Morena a namoletseng Davida matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Morena sefela sena, |
Nathane a re ho Davida: Motho eo ke wena! Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Nkile ka o tlotsa hore o be morena wa Iseraele, ke bile ke o namoletse matsohong a Saule.
o nnamolelang direng tsa ka. O mphahamisitse hodima ba ntwantshang. O mphonyohisitse ho monna ya bohale.
Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.
e leng wona o re pholositseng lefung le lekalo, mme o sa ntse o re pholosa, mme re tshepile hoba o sa tla nne o re pholose,
Moshe a bolella phutheho yohle ya Baiseraele mantswe a sefela sena, a ba a a qeta kaofela.
Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!
Haele Davida, a ya dula feelleng diqhobong, a dula thabeng, feelleng la Sife; leha Saule a ne a ntse a mmatla ka matsatsi wohle, Modimo ha o a ka wa mo neela matsohong a hae.
Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.
Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.
Bona, jwalokaha bophelo ba hao e bile ntho e kgolo mahlong a ka kajeno lena, bophelo ba ka bo be boholo jwalo mahlong a Jehova, mme a nnamolele ditsietsing tsohle.
Jwale Davida a bua ka pelo ya hae, a re: Ka tsatsi le leng, ke tla timela ka letsoho la Saule; ho ka ba molemo ho nna ha nka phakisa ka tshabela naheng ya Bafilesta, Saule a tle a ntele, a se ke a nna a mpatla naheng ya Iseraele; ke hona nka phonyohang ho yena.