Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.
2 Samuele 20:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri. BIBELE Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri. |
Haele bahlanka ba hae, ba tsamaya kamathoko ho yena; Bakerethe le Bapelethe bohle, le bohle ba Gathe, e leng batho ba makgolo a tsheletseng, ba tlileng le yena ha a tloha Gathe, ba etella morena pele.
Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;
Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;
Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bana ba Davida bona e ne e le matona a morena.
Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;
Jwale, moprista Tsadoke ba theoha le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba kallisa Salomone esele ya morena Davida, ba mo isa Gihone.
morena o romile le yena moprista Tsadoke, le moporofeta Nathane, le Benaia mora Jehojada, le Bakerethe le Bapelethe, mme ba mo kallisitse esele ya morena.
Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.