Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.
2 Samuele 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Abnere o re ho Joabe: Bahlankana a ba ke ba eme, ba bapale pela rona. Joabe a re: Ba ka ema. BIBELE Abinere a re ho Joabe. “Ere bahlankana ba eme, ba lwane, re bone ba tla hlola.” Joabe a re: “Ho lokile!” |
Ebile ba ema, ba tswela kahare, ba le palo tse lekanang, ba Ishe-Boshethe, mora Saule, e le Babenjamine ba leshome le metso e mmedi; bahlanka ba Davida le bona ba le leshome le metso e mmedi.
E mong le e mong a tshwara ka hlooho ya emeng maloka le yena, a mo hlaba ka sabole lehlakoreng, ba wa hammoho; ka baka leo, bitso la teng la rewa Helkathe-Hatsurime (tshimo ya disabole); e pela Gibeone.
Tsatsing lona leo, ha lwanwa ntwa e tshabehang haholo; mme Abnere le banna ba Iseraele ba qhalwa ke bahlanka ba Davida.
Kamora tseo, Amatsia a romela manqosa ho Joase, mora Joakase, mora Jehu, morena wa Iseraele, a re: Tloo, re ke re tadimane difahleho.
Ho lewatla ke monyaka ho etsa hampe; ho motho ya hlalefileng monyaka ke ha a etsa ka bohlale.
Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.
O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.