Teng, setjhaba sa Iseraele sa hlolwa ke bahlanka ba Davida, le polao ya bona ya eba kgolo tsatsing leo, ya eba kete tse mashome a mabedi.
2 Samuele 18:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane teng, ntwa ya qhalana ka lefatshe lohle, mme tsatsing leo moru wa eja batho ba fetisang ba jelweng ke lerumo. BIBELE Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole. |
Teng, setjhaba sa Iseraele sa hlolwa ke bahlanka ba Davida, le polao ya bona ya eba kgolo tsatsing leo, ya eba kete tse mashome a mabedi.
Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.
Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.
Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.
Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.
O budutse ka moya wa hao, lewatle le ba aparetse, o ba tebetse jwaloka loto metsing a tshabehang.
hobane tlokotsi ya bona e tla tshoha e hlaha hanghang, mme ke mang ya ka tsebang tshenyeho ya e mong le e mong ho bona?
Ha ba ntse ba baleha pela Baiseraele, ba le motheong wa Bethe-Horone, Jehova a ba dihela majwe a matonana a tswang lehodimong ho ya fihla Aseke, ba eshwa ke wona, mme ba shweleng ke majwe ao a sefako ba eba bangata ho feta ba bolailweng ke marumo a bana ba Iseraele.