Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.
2 Samuele 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hushai a re ho Absalome: Keletso eo Akitofele a eleditseng ka yona nakong ena, ha e ntle. BIBELE Hushai a re ho Abosalome: “Ha e le kajeno, keletso ena ya Ahitofele ha e ntle.” |
Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.
empa ha o ka boela hae, wa re ho Absalome: Oho, morena, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke bile mohlanka wa ntatao, ke be mohlanka wa hao jwale, moo o tla nketsetsa merero ya Akitofele ntho feela.
Akitofele a re ho Absalome: Kena ho direthe tsa ntatao, tseo a di siileng hore di lebele ntlo; etlare Baiseraele bohle ha ba utlwa hobane o ikentse ya nkgang ho ntatao, matsoho a bohle ba tlileng ho wena a tla tiiswa.
Hushai ha a etla ho Absalome, Absalome a mmolella, a re: Akitofele o buile ka mokgwa o itseng; ana re tla etsa ka polelo ya hae, kapa tjhe? Bua le wena.