Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.
2 Samuele 17:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Akitofele a eketsa a re ho Absalome: Jwale, a nke ke kgethe banna ba kete tse leshome le metso e mmedi, ke tlohe, ke phallele Davida le bosiu bona. BIBELE Ahitofele a re ho Abosalome: “Ere jwale ke kgethe banna ba dikete tse leshome le metso e mmedi. Bosiung bona bona ke tla tsoha, ke yo phaladisa Davida. |
Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.
Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.
Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.