Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?
2 Samuele 16:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Abishai, mora Tseruja, o re ho morena: Ana ntja eo e shweleng e rohakelang morena, monga ka? O ntumelle ke ye, ke mo kgaole hlooho. BIBELE Yaba Abishai, mora wa Seruya, o re ho kgosi: “Ke hobaneng ha ntja e shweleng ee, e ntse e hlapaola monga ka, kgosi? Ako ntumelle nke ke ye ho yona, ke yo e kgaola hloohwana ena!” |
Empa Abishai, mora Tseruja, a re: Ha ke re, Shimei, o loketse ho shwa, hobane o kile a rohaka motlotsuwa wa Jehova na?
Davida a re: Ke na le taba efe le lona, bara ba Tseruja, hore le ipee ba nkganyetsang kajeno lena na? Ana kajeno ho ka bolawa motho Iseraeleng na? Ha ke re, ke tsebile kajeno hobane ke nna morena wa Iseraele na?
Joabe le Abishai ngwanabo ba bolaya Abnere jwalo, e le ka baka la hobane a bolaile Asaele moena bona, ntweng, Gibeone.
Abnere a halefa haholo ke polelo tsa Ishe-Boshethe, a re: Na o re, ke hlooho ya ntja e sebeletsang Juda? Le kajeno, ke ntse ke etsetsa ntlo ya ntatao Saule, le banababo, le bahabo, ka mohau; hape, ha ke a ka ka o neela matsohong a Davida! Leha ho le jwalo o ntjarisa molato kajeno ka mosadi enwa na?
Ebile Mefiboshethe o kgumama, a re: Mohlanka wa hao keng, ha o tadimile ntja e shweleng, jwalokaha ke le yona na?
Barutuwa ba hae, boJakobo le Johanne, yare ha ba bona hoo, ba re: Morena, na o rata ha re ka re, mollo o theohe lehodimong, o ba tjhese, jwalokaha Elia a entse le yena na?
Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.
Morena wa Iseraele o tswile ho batla mang? O phallela mang? O phalletse ntja e shweleng, kapa letsetse!