Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.
2 Samuele 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re ho yena: Eya ka kgotso. Kahoo a tloha, a ikela Hebrone. BIBELE Kgosi ya re ho yena: “Itsamaele ka kgotso.” Abosalome a tsamaya, a ya Heborone. |
Empa Absalome a roma manqosa melokong yohle ya Iseraele, a reng. Etlere ha le utlwa modumo wa terompeta, le ke le re: Absalome ke morena Hebrone.
Ke le mohlanka wa hao, ke sa le Geshure wa Siria, nkile ka hlapanya ka kano, ka re: Ha Jehova a ka mpusetsa hantle Jerusalema, ke tla sebeletsa Jehova.
Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba ho yena ba tloha Eglone, ba ya Hebrone, mme ba o lwantsha.
Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.
Davida a amohela matsohong a Abigaile seo a mo tliseditseng sona, a re ho yena: Eya hae ka kgotso; bona, ke utlwile lentswe la hao, mme ke o hauhetse.