Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
2 Samuele 15:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, Absalome a ipatlela koloi le dipere, le batho ba mashome a mahlano ba mathang ba mo eteletse pele. BIBELE Kamora mona, Abosalome a iketsetsa kariki ya ntwa, a batla le dipere, le banna ba mashome a mahlano ba tla mo etella pele. |
Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
Morena a ba bolella, a re: Nkang bahlanka ba mong a lona, le kallise Salomone, mora ka, esele ya ka; le mo theosetse Gihone;
Yaba Adonija, mora Haggithe, o ikgohomosa, a re: E tla ba nna morena. A ipatlela makoloi, le bapalami, le banna ba mashome a mahlano ba mathang pela hae.
Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;
Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.
Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.
A re: Ke wona mokgwa wa morena ya tla busa hodima lona: o tla nka bara ba lona, a ba bee makoloing a hae, a ba etse bapalami ba hae, ba bang ba mathe pela makoloi a hae.