Mmae a re ho yena: Thohako e ka tlang ho wena a e be hodima ka, mora wa me; wena empa, mamela lentswe la me, o tsamaye, o ntshwarele tsona.
2 Samuele 14:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mosadi wa Tekowa a re ho morena: Morena, monga ka, molato o ke o bewe hodima ka le hodima ntlo ya ntate, morena yena a hloke molato, le yona terone ya hae. BIBELE Yaba mosadi enwa wa Tekowa o boela a re ho kgosi: “Oho, monga ka, kgosi, molato ona e be wa ka, le wa lelapa leso; wena, kgosi, le lelapa la hao, le hloke molato.” |
Mmae a re ho yena: Thohako e ka tlang ho wena a e be hodima ka, mora wa me; wena empa, mamela lentswe la me, o tsamaye, o ntshwarele tsona.
Ke itlama bakeng sa hae, o tla mmatla letsohong la ka, mme ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea pela hao, ke tla ba molato ho wena kamehla;
Morena a re: Ya ka o buisang, o ke o mo tlise ho nna, mme ha a sa tla hlola a o kgathatsa.
Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.
Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.
A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.