Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.
2 Samuele 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele konyana, a ke a e lefe ka tse nne, hobane o entse taba ena le ho hloka mohau. BIBELE a be a lefe konyana eo ka tse nne, hobane a hlokile mohau, a entse ntho ena e mpe.” |
Hona kajeno, busetsang ho bona masimo a bona, le merara ya bona, le mehlware ya bona, le matlo a bona, le karolo ya lekgolo ya tjhelete, le ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, eo le e nkileng ho bona ka mokgwa wa phahello.
Ekare ha motho a utswa kgomo, kapa konyana, a e hlaba, kapa a rekisa ka yona, o tla busa kgomo tse hlano hodima kgomo, le dinku tse nne hodima konyana.
Empa mohla le tshwarwang, le tshwanelwa ke ho lefa hasupa, le be le hlakolwe leruo lohle la ntlo ya lona.
kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.
Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.
Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.