Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!
2 Samuele 12:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Davida o halefela motho eo haholo, a re ho Nathane: Ka Jehova ya utlwang, motho ya entseng hoo o lokelwa ke lefu. BIBELE Kgalefo ya Davida ya tlokomela monna enwa wa morui, a re ho Nathane: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, monna enwa ya entseng ntho ena o lokelwa ke ho bolawa; |
Kamora tseo, ha kgwedi di batla ho ba tharo, Juda a tsebiswa, ha thwe: Tamare, ngwetsi ya hao, o febile, o bile o emodisitswe ke bofebe ba hae. Juda a re: Mo ntsheng, a tjheswe!
Ha mpa ha fihla moeti ha morui; yena a ba leqe ho nka dinkung tsa hae le dikgomong tsa hae ntho e lokisetswang moeti ya fihletseng ha hae, a ya nka konyana ya mofutsana, a e lokisetsa motho ya fihlileng ha hae.
Ha ho le jwalo, wena motho, leha o ka ba mang le mang, o ahlolang ba bang, ha o na moitatolo; hobane, ha o ntse o ahlola ba bang, o itswa e le wena; hobane wena ya ahlolang, o etsa tsona ditaba tseo.
hobane, ka Jehova ya phelang, ya namoletseng Iseraele, leha bo ka ba ho mora ka Jonathane, o tla shwela ruri. Mme ho se ke ha eba le a mong wa setjhaba ya mo fetolang.
Hobane, mora Jese ha a ntse a phela lefatsheng, ho ke ke ha tiya wena, leha e le borena ba hao. Romela jwale ho ya ntshwarela yena; hobane o lokelwa ke ho shwa.
Ha o etse hantle; ka Jehova ya phelang, le lokelwa ke ho shwa, hobane ha le a ka la lebela monga lona, e leng motlotsuwa wa Jehova. Tadima jwale; le kae lerumo la morena, le nkgwana ya metsi e neng e le pela mosamo wa hae?