Lenqosa la ya ka tseo, la fihla, la tsebisa Davida tsohle tseo Joabe a le romileng ka tsona.
2 Samuele 11:23 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lenqosa la re ho Davida: Banna ba Rabba ba fela ba re imetse, ba tla ho rona, re le naheng, ra mpa ra ba busa, ho ya fihla kgorong. BIBELE Leqosa lena la re ho Davida: “Banna bano ba ile ba re fekisa. Ba ile ba tswa motseng, ba ya re lwantshetsa naheng, empa ra ba tjhetjhisa ho ya fihla kgorong ya motse. |
Lenqosa la ya ka tseo, la fihla, la tsebisa Davida tsohle tseo Joabe a le romileng ka tsona.
Bafudi ba mpa ba fula bahlanka ba hao, ba le ka lerakong, mme bahlanka ba bang ba morena ba shwele, le yena Uria Mohethe, mohlanka wa hao, o timetse.