2 Samuele 10:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hadadesere a romela ho lata Basiria ba mose wane ho noka, ba tla Helame; Shobake, molaodi wa sera sa Hadadesere, e le motsamaisi wa bona. BIBELE Hadade-Esere a laela hore ho latwe Baarame ba neng ba le kamose wane ho Noka. Baarame bao ba fihla Helame, ba ena le Shobake, molaodi wa mabotho a Hadade-Esere, a ba eteletse pele. |
Davida ha a tsebiswa, a phutha Baiseraele bohle, a tshela Jordane, a tla Helame; le bona Basiria ba lokisa ntwa ho ya kgahlanyetsa Davida, le ho mo lwantsha.
Hape, Modimo wa tsosetsa Salomone sera se seng; ke Resone, mora Eliada, ya neng a thobe ho monga hae, Hadadesere, morena wa Tsoba.
Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;
Yaba Basiria ba Damaseka ba tla, ba re ba tlatsa Hadaresere, morena wa Tsoba; Davida a bolaya Basiria ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.
Eitse ha Basiria ba bona hobane ba hlotswe ke Baiseraele, ba romela manqosa ho mema Basiria ba mose wane wa noka; Shofake, molaodi wa sera sa Hadaresere, e ne e le motsamaisi wa bona.