Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.
2 Samuele 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Oho Iseraele, ba batle ba hao ba bolailwe diphahameng tsa hao! Dinatla di wele jwang? BIBELE “Kgabane ya hao, wena Iseraele, e bolaetswe hodima thaba tsa hao; bona kamoo dinatla di weleng kateng! |
Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.
Mehleng eo, lehlomela la Jehova le tla hlaha bokgabaneng le kganyeng, tholwana ya lefatshe e be kganya le kgabiso ho Baiseraele ba phonyohileng.
O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.
Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.
Yaba ke nka thupa ya ka e bitswang Mohau, ke a roba, ke tle ke kgaole selekane sa ka seo ke neng ke se entse le ditjhaba kaofela.
Yaba ke alosa dinku tse bolawang, hara tsona ho le tse fokolang tsa mohlape, mme ka inkela thupa tse pedi, e nngwe ka e rea Mohau, e nngwe ka e rea Ditlamo, ka ba ka alosa mohlape.
Hosasa, ha Bafilesta ba tla hlobodisa ba bolailweng, ba fumana Saule le bara ba hae ba bararo ba wele thabeng ya Gilboa.