Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
2 Bakorinthe 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolofolo a ba bang, nnete ya lerato la lona. BIBELE Ha ke rialo ka ho le laela, empa e le ho leka ho fumana bonnete ba lerato la lona ka mafolofolo a ba bang. Baasraak Sotho NT Ha ke bue ka taelo, empa e le ka boitelo ba ba bang, le ho leka bonnete ba lerato la lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ha ke bue ka taelo, empa e le ka boitelo ba ba bang, le ho leka bonnete ba lerato la lona. |
Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.
Haele ba bang, ke a ba bolella, nna, e seng Morena, ke re: Moena e mong, ekare ha a ena le mosadi ya sa dumelang, a se ke a mo hlala, ha mosadi a ratile ho dula le yena.
Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.
A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.
hobane ke tseba tjheseho ya lona tabeng ena eo ke ntseng ke ithorisa ka lona ho ba Masedonia, ka ho re, ba Akaea ba se ba ne ba lokise le ngwahola; mme tjheseho ya lona e fela e tsositse ba bangata.
E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.
Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.
Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;