La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




2 Bakorinthe 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.

Ver Capítulo

BIBELE

Ruri, rona ba ahileng lephepheng lena, re fehelwa ke ho imelwa, hobane ha re batle ho lahlehelwa ke lehae lena, empa re lakatsa ho fumana le leng la bobedi, hodima lona; e le hore se shwang se metswe ke bophelo.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane rona ba ka tabernakeleng ena, re a fehelwa, ha re imetswe;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane rona ba ka tabernakeleng ena, re a fehelwa, ha re imetswe;

Ver Capítulo



2 Bakorinthe 5:4
8 Referencias Cruzadas  

O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.


Motlotlwane wa ka o nkilwe, o tlositswe ho nna jwalokaha ho tloswa sebeso sa modisa; bophelo ba ka ke bo phuthile, jwaloka molohi ha a phutha lesela la hae. O ne o ya poma bophelo ba ka; ho tloha hosasa ho isa mantsiboya, o ne o tla be o nqetile.


Mme hase tsona di nnotshi, empa le rona re nang le dithakangwaha tsa Moya, e, le rona re fehelwa kahare ho rona, re lebeletse ho bewa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Bonang, ke le bolella sephiri: ha re ka ke ra robala bohle, empa re tla fetoha bohle,


Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo;


ha re fela re ka fihlelwa re apere, e seng re hlobotse.


Ke fela ke lekanya hobane, ha ke sa ntse ke le motlotlwaneng ona, ke tshwanetse ho le tsosa ka ho le hopotsa,