Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.
2 Bakorinthe 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona. BIBELE Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona. Baasraak Sotho NT Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona. |
Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.
Hobane ekare ha re entswe setlama se le seng le yena ka ho tshwana le yena lefung la hae, re tla ba jwalo le tsohong ya hae,
jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Re bolawa letsatsi lohle ka baka la hao; re lekantswe le dinku tse hlajwang?
Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.
Empa kahlolo ya ho shwa ya hla ya eba ka ho rona, hore re tle re se ke ra itshepa, re mpe re tshepe Modimo o tsosang bafu;
Hobane leha a kile a thakgiswa sefapanong ka phokolo, o phela ke matla a Modimo; mme le rona re fokoletse ho yena, empa re tla phela le yena, ka matla a Modimo a sebetsang ho lona.
Hobane rona ba phelang, re ntse re tellwa lefu kamehla ka baka la Jesu, hore le bona bophelo ba Jesu bo tle bo bonahale nameng ya rona e shwang.
Empa feela, motho a tle a se ke a ntshwabisa, hobane ke jere mabote a Morena Jesu mmeleng wa ka.
Jwale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lona, mme ke phethisisa nameng ya ka ho setseng ha mahlomola a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.
Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.
Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.