Enere ha Moshe a kena pela Jehova, ho bua le yena, o ne a tlosa lesira, ho fihlela a ba a etswa; ha a etswa, a bolelle bana ba Iseraele tse o a di laetsweng.
2 Bakorinthe 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa mohla di tla sokolohela ho Morena, lesira le tla tloswa. BIBELE athe kamehla ha motho a sokolohela ho Morena, lesira leo le a tloswa. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, mohla ba sokolohelang ho Morena, lesira le tla tloswa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, mohla ba sokolohelang ho Morena, lesira le tla tloswa. |
Enere ha Moshe a kena pela Jehova, ho bua le yena, o ne a tlosa lesira, ho fihlela a ba a etswa; ha a etswa, a bolelle bana ba Iseraele tse o a di laetsweng.
Thabeng ena o tla tlosa lesira le siretseng batho bohle, le kobo e kwahetseng ditjhaba kaofela.
Tsatsing leo, ba thibaneng ditsebe ba tla utlwa ditaba tsa buka; mahlo a difofu a tla phunya bosiu le lefifi, a bone.
Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.
Le bona ha ba sa hlole ho se dumeleng ha bona, ba tla busetswa mohlwaareng; hobane Modimo o na le matla a ho ba busetsa teng.
Empa le kajeno a bokajeno, ha ho balwa ditaba tsa Moshe, lesira le sa ntse le siretse dipelong tsa bona.
Ke ha o fela o ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, wa boloka melao ya hae le ditaelo tsa hae tse ngodilweng bukeng ena ya molao, mme wa sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, ka pelo yohle ya hao, le ka moya wohle wa hao.
Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.