O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.
2 Bakorinthe 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae. BIBELE esere Satane a re qhekella, etswe re tseba maqiti a hae. Baasraak Sotho NT Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae. |
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame tseo a nang le tsona kaofela, mme o tla bona hore na a ke ke a o rohaka pontsheng.
Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.
O mpe o otlolle letsoho la hao jwale, o ame masapo a hae le nama ya hae, mme o bone ha a ke ke a o rohaka pepeneneng.
Mosadi wa hae a re ho yena: Na o sa tiiseditse tokeng ya hao na? Rohaka Modimo, mme o shwe!
Jwale, Jesu a re ho yena: Tloha, Satane, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Kgumamela Morena, Modimo wa hao, mme o sebeletse yena feela.
Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,
hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.
Le se ke la timana, haese ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima dijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ya lona.
Mme hase ho ka makatsang, etswe Satane le yena a ikgakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la lesedi.
Empa ke tshohile, esere mohlomong, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona, le ya lona mehopolo e ka senyeha, ya timellwa ke nnete e ho Kreste.
e leng bao modimo wa lefatshe lena o ba foufaditseng dikelello, ke ho re, ba sa dumelang, ba tle ba se ke ba tjhabelwa ke lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.
A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;
Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.
Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.
Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong.