Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.
2 Bakorinthe 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste; BIBELE Jwale eo le mo tshwarelang, le nna ke a mo tshwarela. Haeba ho na le seo ke se tshwaretseng, ke ka baka la lona, mahlong a Kreste, ke tshwaretseng ya se entseng; Baasraak Sotho NT Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eo le mo tshwarelang letho, le nna ke a mo tshwarela; |
Kannete ke re ho lona: Tsohle tseo le di tlamang lefatsheng, di tla tlangwa lehodimong; le tsohle tseo le di lokollang lefatsheng, di tla lokollwa lehodimong.
Bao le tla ba tshwarela dibe, ba tla tshwarelwa tsona; bao le tla ba balla dibe, ba tla ballwa tsona.
Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste,
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.
Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!
ka ho hlweka, ka tsebo, ka sebete, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boiketsiso,
Le rekolohelane, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha Modimo le wona o le tshwaretse ka Jesu Kreste.