La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




2 Bakorinthe 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ha re na matla le a manyenyane ho hanela nnete, empa e le ho emela nnete.

Ver Capítulo

BIBELE

Re sitwa ho lwantsha nnete, empa seo re nang le sona feela ke matla a ho e sebeletsa.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane re ke ke ra etsa letho le hananang le nnete, haese nnete.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane re ke ke ra etsa letho le hananang le nnete, haese nnete.

Ver Capítulo



2 Bakorinthe 13:8
20 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Ha o ka boya ka kgotso, etlaba Jehova ha a ka a bua ka nna. Hape a re: Utlwang tsena, lona, setjhaba sohle.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Jwaloka nonyana ha e fofafofela mona le mane, le lefokotsane ha le okaokela feela, ho jwalo thohako ya lefeela, ha e sebetse letho.


Empa Jesu a re: Le se ke la mo hanela; hobane ha ho motho ya ka phakisang a mpolela hampe, ha a entse mohlolo ka lebitso la ka.


Athe, leha nka eketsa hanyenyane ho ithorisa ka matla a rona, ao re a neilweng ke Morena ho le hahisa, e seng ho le diha, nke ke ka ba le dihlong;


Ke ka baka leo ke ngolang taba tseo, ke sa le siyo ho lona, hore mohla ke leng teng, ke se ke ka etsa ka thata, ka matla ao Morena a nneileng wona ho hahisa, e seng ho heletsa.


Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa.


Re thaba ha rona re fokola, le lona ha le le matla; mme seo re se eletsang, ke phetheho ya lona.


Hara bona ho na le Himenea le Aleksandere, bao ke ba neetseng Satane, ba tle ba rutwe ho lesa ho nyefola.