A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.
2 Bakorinthe 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle. BIBELE Le fela le mamella ka thabo ha e mong a etla ho lona, a le tsebisa Jesu osele, eo re sa kang ra le tsebisa yena; kapa ha le amohela moya osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse; kapa molaetsa o molemo osele, ho fapana le oo le seng le o amohetse. Baasraak Sotho NT Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ekare ha ya tlang a bolela Jesu e mong, eo re sa kang ra mo bolela, kapa le amohela moya osele oo le sa kang la o amohela, kapa Evangeli esele eo le sa kang la e amohela, le ka mo mamella. |
A ba a re ho bona: Le tseba hantle ho fedisa molao wa Modimo ka ho boloka mokgwa oo le o neanang.
Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.
Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.
Hobane ha ho motho ya ka theang motheo osele ho o setseng o theilwe, e leng Jesu Kreste.
Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,
Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?
Jwalokaha ke ne ke o laele mohla ke yang Masedonia, ka re, o sale Efese, hore o tle o laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele;
Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho,