Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;
2 Bakorinthe 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste. BIBELE Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena. Baasraak Sotho NT Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Na le talima lintho ka ponahalo ea ka ntle? Ekare ha e mong a itshepa hore ke wa Kreste, a a boele a hopole taba ena ka boyena, hore, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste. |
Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;
Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.
Ke lekanya jwalo, kahobane e mong le e mong ho lona o re: Nna, ke wa Pauluse! — Nna, ke wa Appolose! — Nna, ke wa Kefase! — Nna he, ke wa Kreste!
Ekare ha motho a itekanya hoba ke moporofeta, kapa motho ya nang le moya, a ke a tsebe hoba ditaba tseo ke le ngollang tsona, ke melao ya Morena.
Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.
Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?
Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;
Na ke bahlanka ba Kreste? — ke bua ka bowatla — teng, ke a ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka diteronko; ke bile lefung hangata;
Hobane e mong ha a ka tla, a le bolella Jesu osele, e seng eo re le boleletseng yena, leha le ka amohela Moya osele, e seng oo le o amohetseng, leha e le Evangeli esele, e seng eo le e nkileng taba eo le ka e mamella hantle.
Ha ke ithorisitse, ke fetohile lewatla, ke lona le ntshusumeleditseng teng; hobane ke ne ke tshwanelwa ke ho emelwa ke lona, hobane ha ke a ka ka fetiswa ka letho, leha le le leng, ke baapostola ba fetisang ka boholo, leha ke se eng.
haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.
Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.
Rona, re ba Modimo; ya tsebang Modimo o a re utlwa; eo e seng wa Modimo ha a re utlwe; ke kahoo re tsebang moya oo e leng wa nnete, le moya oo e leng wa leshano.
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.