2 Bakorinthe 10:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Empa re tshaba ho ipala le ho ipapisa le ba bang ba ikemelang; athe ha ba itekanya bona ka bona, mme ba itshwantsha bona ka bona, ha ba etse ka kelello. BIBELE Ho hang ha re a lokela ho ikopanya kapa ho itshwantsha le ba bang ba ikemelang. Empa ke dithoto, hobane tekanyo eo motho wa bona a itekanyang ka yona ke yena ka boyena, o ipapisa le yena ka boyena. Baasraak Sotho NT Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ha re na sebete sa ho ikakanya, leha e le ho ipapisa le ba bang ba ipuellang; |
Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona.
Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao.
Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.
Hobane nka sitwa ho bolela letho leo Kreste a sa kang a le etsa ka nna, ho tlisa baditjhaba kutlong, ka dipolelo le ka mesebetsi,
Ya buang jwalo a ke a hopole hoba seo re leng sona ka dipolelo mangolong a rona, ha re le siyo, re sona le ka diketso, mohla re leng teng.
Hleka re boela re qala ho ikemela na? Kapa a re tshwanela ho batla, jwaloka ba bang, mangolo a re emelang pela lona, leha e le a ka tswang ho lona ho re emela pela ba bang?
Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.