Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.
2 Bakorinthe 1:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tjhe, empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya fetoha hore e be e le tjhe. BIBELE Ka nnete ya Modimo, puo ya ka ho lona hase “e” le “tjhe” ka nako e le nngwe, Baasraak Sotho NT Empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya eba e le tjhe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa jwalokaha Modimo e le wa nnete, polelo ya rona ho lona ha e a ka ya eba e le tjhe. |
Yaba Jesu o phahamisa lentswe tempeleng, a ruta, a re: Le a ntseba, le bile le tseba le moo ke tswang teng; ha ke a itlisa, empa ya nthomileng ke wa nnete, mme ha le mo tsebe.
Ke na le ditaba tse ngata tsa ho le bolela, le tsa ho le ahlola ka tsona; empa ya nthomileng ke wa nnete; mme ditaba tseo ke di utlwileng ho yena ke di bolella lefatshe.
Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.
Mme ke bitsa Modimo, e be paki ya taba tsa moya wa ka, ha ke re, e ne e le ka baka la ho le hauhela, ha ke eso ho ye Korinthe le jwale;
Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.
Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.
Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.
Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:
Ngolla lengeloi la kereke ya Filadelfia, o re: Ya halalelang, Wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, mme ho se ya ka kwalang, ya kwalang, mme ho se ya ka bulang, o bolela tsena, o re: