Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.
2 Bakorinthe 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) ke ntoo le feta, ke ye Masedonia, mme ha ke kgutla Masedonia, ke boye le ka ha heno, e tle e be lona ba mphelehetsang ha ke fetela Judea. BIBELE Ke ne ke tla feta le ho lona ha ke leba Masedonia, ke boele ke kgutlele ho lona ha ke etswa teng, e le hore le tle le nthuse ho kena leetong la ho ya Judea. Baasraak Sotho NT Ke tla feta ka lona ho ya Masedonia, le ho boela ke etswa Matsedonia ho lona, le ho ntliswa ke lona ho ya Judea. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke tla feta ka lona ho ya Masedonia, le ho boela ke etswa Matsedonia ho lona, le ho ntliswa ke lona ho ya Judea. |
Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.
Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,
Hobane ba Masedonia le ba Akaea ba ratile ho bokella dithuso tse tla abelwa bahalaledi ba fumanehileng ba Jerusalema.
A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.