Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.
1 Timothea 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) basadi ba hodileng jwaloka hoja ke bommao, ba batjha jwaloka hoja ke bokgaitsedie, ka hlweko yohle. BIBELE basadi ba hodileng o ba tadime e le bo-mmao, basadi ba batjha e le dikgaitsedi tsa hao, ka bohlweki bohle. Baasraak Sotho NT Basadi ba baholo jwaloka bomme; ba banyenyane jwaloka dikgaitsedi, ka hlweko yohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Basadi ba baholo jwaloka bomme; ba banyenyane jwaloka dikgaitsedi, ka hlweko yohle. |
Hobane e mong le e mong ya tla etsa thato ya Ntate ya mahodimong, ke yena e leng ngwaneso, le kgaitsedi ya ka le mmè.
Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.
Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.
O se ke wa kgalemela ya hodileng ka thata, empa o mo kgothatse jwaloka hoja ke ntatao, ba batjha jwaloka hoja ke banabeno;
O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng.