1 Timothea 3:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Taba ena ke ya nnete: Motho ha a rata bolebedi, o lakatsa mosebetsi o motle. BIBELE Lentswe lena ke la nnete: Ha motho a lakatsa bookamedi ba kereke, o lakatsa mosebetsi o motle. Baasraak Sotho NT Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Polelo ena ke ya nnete, e reng: Ekare ha motho a lakatsa bolebedi, o lakatsa mosebetsi o molemo. |
Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.
Hobane ho ngodilwe bukeng ya Dipesaleme, ho thwe: Boaho ba hae bo fetohe dithako, mme ho se be motho ya ahang teng; hape: E mong a nke bodisa ba hae.
Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
Ke bolella lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, mme ke rorisa kabelo ya ka;
Re le Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba Filipi ba leng ho Jesu Kreste, le balebedi, le bahlanka ba kereke, re re:
Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.
Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.
Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;
Polelo eo e tiile, mme ke rata hoba o omele ka matla tabeng tseo, hore ba dumetseng ho Modimo ba iponele, ba tle ba phehelle mesebetsi e metle, tse ntle, tse molemo ho batho ke tsona tseo.
Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.
Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.
Ho se ke ha eba e mong hara lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya ikenyang tabeng tsa ba bang.
ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;